TSHEBEDISANO LE MMUSO MABAPI LE NTSHETSOPEE YA DIBAKA TSA MAHAE"
Ka selemo sa 2001 Mopresidente Thabo Mbeki o ile a qala Lenaneo la Ntshetsopele e Tswellang e nang le Nyalano Dibakeng tsa Mahaeng le tsejwang ka hore ke Integrated Sustainable Rural Development Programme (ISRDP). Sepheo sa lenaneo lena la dilemo tse 10 ke sa ho qeta bofuma le ntshetsopele e sa phethahalang mme ho ntlafatswe boleng ba bophelo ba batho ba mahaeng.
NA KE BAFE BA TLA UNA MOLEMO :
Lenaneo lena le shebile haholo basadi, batjha le batho ba sa itekanelang.
NA LENANEO LENA LE TLA KENGWA TSHEBETSONG HOKAE :
Dibaka tse leshome le metso e meraro tse ikgethang tse tsejwang ka hore ke mateanong a dibaka tsa mahaeng di se di hlwauwe. Dibaka tseo tsa mateano di fumaneha ho bomasepala ba ditereke ba diprovense tse latelang:
NA ISRDP ENA E SHEBANA LE ENG :
Sepheo sa lenaneo lena ke ho qeta bofuma ka :
Ho etsa bonnete ba hore batho ba kgona ho fihlela thuto, bophelo bo botle, dithuso tsa setjhaba kapa tsa thekolohelo ekasitana le ditliliniki tsa ditereke tse sebeletsang merabe,
Ho atolosa mebaraka ya mesebetsi ka ho ba le tshusumetso mananeong a Ntshetsopele ya moruo wa Ka Hara Naha
Ho ntlafatsa phumantsho ya ditshebeletso – bokgoni ba ho fihlela metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere, motlakase le eneji, ditshebeletso tsa dithelefounu
Ho ntlafatsa dipalangwang hore di finyelle le dibakeng tsa ho thusa batho, dibakeng tsa mesebetsi, diposong – ho hahuwa ha mebila e ka kgonwang ho fihlelwa le ho ntlafatsa tshebetso tsa dipalangwang
Ho ntlafatsa matlotlo ao e leng a molemo bathong – matlotlo a malapa, dikuno le ditshenyehelo.
NA KE BO MANG BA TLA KENYA LENANEO LENA TSHEBETSONG :
Lefapha la Mebuso ya Diprovense le ya Selehae (DPLG) le na le boikarabelo ba ho hokahanya lenaneo lena boemong ba naha. Mafapha a Mmuso wa Naha le a Diprovense ona a ba le seabo ka ho fana ka mehlodi ya thuso le ho kenya tshebetsong diprojeke tse hlwauweng e le tsona tse ka hodimo lenaneng. Terasete e Ikemetseng ya Ntshetsopele e leng Independent Development Trust (IDT) e kgethuwe ho ba ejensi e tshehetsang bakeng sa ISRDP.
Seabo sa mmuso wa selehae ke ho kenya tshebetsong diprojeke jwalo ka ha di hlwauwa ka Leano la Ntshetsopele e nang le Nyalano e leng Integrated Development Plan (IDP). Mokga wa poraefete o ba le seabo ka ho fana ka mehlodi ya thuso bakeng sa ho tshehetsa ho kengwa tshebetsong ha diprojeke.
NA LENANEO LE SEBETSA JWANG :
Lenaneo le lebisitswe dibakeng tse kgethehileng ka ho ya ka mathata le menyetla e hlwauweng ya ntshetsopele ya sebaka. Thuso tsa ditjhelete le mehlodi ya thuso e kengwa ho tswa ditshiyeng tse tharo tsa mmuso le ho basebedisani ba bang (mokga wa poraefete, mekgatlo e seng ka tlasa mmuso, kgwebo tse taolong ya mmuso, jjj.). Mona ke karabelo ya ditshupo tsa bofuma le menyetla ya moruo. Lenaneo lena hape le tla ntlafatsa bokgoni ba bomasepala ba dibaka hore ba kgone ho fana ka ditshebeletso. Ho shebilwe haholo mananeo a ntseng a le teng a mmuso le ha ho ntse ho hlahiswa mananeo a mang a matjha.
NA MAIKEMISETSO OHLE A ISRDP KE AFE
Maikemisetso a felletseng a ISRDP ke "ho sebetsa mmoho le merabe mmoho le bathahaselli ba bang, bakeng sa ho qeta bofuma le ho ntlafatsa boleng ba bophelo dibakeng tsa mahaeng ka nyalanyo e ntlafaditsweng le diinstitjhushene tse tla kgona ho sebetsa di shebane le ditlhoko tsa setjhaba, moruo, tikoloho le tsamaiso e ntle ya puso"
NA MERABE E BA LE SEABO JWANG :
O mong wa metheo ya lenaneo lena ke hore merabe e be le seabo. Merabe e ka ba le seabo diforamong tsa ntshetsopele e nang le nyalano tsa bomasepala ba dibaka. Diforamo tsena di neha merabe menyetla ya ho hlwaya le ho beha ditlhoko tsa bona ka hodimo lenaneng. Mmuso wa selehae o fetola ditlhoko tsena ho ba diprojeke tse ka sehloohong.
NA DIBAKA TSEO TSA MATEANO A MAHAENG TSE LESHOME LE METSO E MERARO DI FUMANEHA HOKAE :
Ha ho ka etseha hore o batle ho tseba haholwanyane o ka iteanya le masepala ya tshwanelehang :
Mong M A Mene
Mong M Qithi
Ukhahlamba
Bohlabelo
Maluti A Phofung
Zululand
Mme. Mosa Molapo
